Na Bolebedi ba Dikarolo tsa Sebaka (Sector Policing) bo bolelang?
Bolebedi ba Dikarolo tsa Sebaka ke mokgwa wa bopolesa moo ho bona sebaka se lebellwang ke seteishene sa mapolesa ka ho se arola dikarolo tse nyenyane, hape tse tla laolwang hantle ha bonolo, mme dibaka tseo tse arotsweng di bitswa dikarolo. Bakeng sa karolo ka nngwe, ba Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa ba tla kgetha Lepolesa leo e tla bang Molaodi wa Karolo ya Sebaka (Sector Commander).
Baahi ha mmoho le molaodi wa bona wa karolo ba tla sebetsa mmoho ho etsa bonnete ba hore ho ba le polokeho le tshireletso.
NA MOSEBETSI WA MOLAODI WA KAROLO YA SEBAKA KE OFE?
Ke ho bokella le ho hlophisa baahi ka hara Dikarolo hore ba sebetse mmoho twantshong ya botlokotsebe sebakeng seo;
Ho sebetsa jwalo ka mohlanka wa lehokela le baahi le Dikarolo ha mmoho le seteishene sa mapolesa sa sebaka;
Jwalo ka mohlanka ya thibelang botlokotsebe, yena o tla ba le boikarabelo ba merero le diprojeke tsa ho shebana le botlokotsebe karolong ya sebaka.
NA MOSEBETSI WA BAAHI ONA KE OFE?
Ho ya dikopanong tsa Foramo ya Karolo e Shebaneng le Botlokotsebe e leng Sector Crime Forum (SCF) moo ho rerisanwang ka mehato e lokelwang ho nkuwa mmoho le Molaodi wa Karolo bakeng sa ho shebana le botlokotsebe karolong ya sebaka;
Ho thakgola le ho ba le seabo mesebetsing e qalwang ke baahisani bakeng sa ho sireletsa baahi ba sebaka;
Ho fana ka lesedi le ditlhahiso mabapi le ho thibela botlokotsebe ka hara karolo;
Ho sebetsa ka mafolofolo tshehetsong ya Bolebedi ba Karolo ya Sebaka ka ho ithaopa ho ba Marisefe Dikarolong tsa sebaka.
Ho ba le seabo sa ho iteanya le molaodi wa bona wa karolo le ho sireletsa sebaka sa boahisani.
Ho etswa boipiletso ho bahwebi ba sebaka, dikhanselara, mekgatlo ya baahi le baetapele ba baahi ho kenya letsoho boitekong bohle ba ho shebana le dintho tse bakang botlokotsebe bo etsahalang Dikarolong Sebaka.
